​PUO YA BOPHATLALATSI BA DITABA PUO YA BOPHATLALATSI BA DITABA KA LEFAPHA LA NAHA LA MATLOTLO LE DITSHEBELETSO TSA LEKGETHO TSA AFRIKA BORWA

PRETORIA, 12 TSHITWE 2017 – Lefapha la Naha la Matlotlo le Ditshebeletso tsa Lekgetho tsa Afrika Borwa ba motlotlo ho nehelana ka phatlalatso ya 10 ya selemo ka seng ya Dipalopalo tsa Lekgetho tsa la 12 Tshitwe 2017. Phatlalatso ena ya 2017 e fana ka kakaretso ya pokello ya lekgetho mmoho le lesedi la kgutliso ya lekgetho ya dilemo tsa ditjhelete tsa 2013 ho isa ho sa 2016 mmoho le tsa 2012/13 ho isa ho tsa 2016/17.

Phatlalatso ena e tsamaya mmoho le ditafolana tse nang le lesedi la pokello ya lekgetho mmoho le data e mabapi le mefuta yohle ya makgetho a ka sehloohong a dilemo tse leshome tse fetileng.  Tsena di fana ka data ya ditlwaelo tsa bohlokwa tsa dilemo tse leshome tse fetileng mme di toboketsa tema ya bohlokwa eo mokgwatshebetso wa lekgetho o bileng le yona tshebetsong e ntle ya tsa ditjhelelete Afrika Borwa mmoho le ntshetsopele ya bophelo le ikonomi.

Lekgetho le tswang ho lekgetho la lekeno la batho ka bomong (PIT) ho ya ka phesente ya paloyohle ya lekgetho e nyolohile ho tloha ho 29.6% ka 2007/08 ho isa ho 37.2% ka 2016/17, ka CAGR ya 10.8% le kabelo ya 8.4% ho GDP ka nako ena.  Tshebetso ena e matla e dumelletse Mmuso ho fana ka kimollo e kgolo ya lekgetho molemong wa Maafrikaborwa kaofela. Sena se etsahatse ho sa natswe ntlha ya hore bonnyane ba meedi ya lekgetho ya balefalekgetho ba ka tlase ho dilemo tse 65 e eketsehile ho tloha ho R40 000 ka selemo sa ditjhelete sa 2007 ho isa ho R73 650 ka selemo sa ditjhelete sa 2016. Ho feta moo, ho bao ba leng dilemong tsa 65-74, bonnyane ba moedi wa lekgetho o eketsehile ho tloha ho R65 000 ho isa ho R114 800 mme ba dilemo tse 75 le ho feta ho tloha ho R104 261 ka selemo sa lekgetho sa 2012 nakong eo e neng e tsebahatswa lekgetlo la pele ho ya ho R128 500.

Se seng se lokelang ho hlokomelwa hape ke tshusumetso eo diphetoho tsa lekgetho di bileng le yona ho ntlafaleng ha maphelo a Maafrikaborwa haesale ho qala demokrasi. Leqephe le nang le dikerafo tse hlalosang sena leqepheng la 34 la Dipalopalo tsa Lekgetho le bontsha hore molefalekgetho ya fumanang moputso o lefiswang lekgetho wa R100 000 ka 1995 o lefile lekgetho ho latela sekgahla sa 33.8%. Yena molefalekgetho ona ka lekeno le hlophisitsweng hape ho akaretsa dikeketseho ho latela infleishene ka 2016 o fumane moputso wa R344 653, feela o bile le sekgahla sa lekgetho sa 18.3%, mme sena se mo siile ka lekeno le lekaneng leo a ka le sebedisang ka moo a ratang kateng.

Tlhophisobotjha ya mekgahlelo ya lekeno mmoho le meedi ya bonnyane ya lekgetho bakeng sa ditjhelete e bakile hore ho be le ho fokotseha ho seng hakaalo ha dikgahla tsa lekgetho bakeng sa balefalekgetho ba fumanang moputso o tlase le o mahareng. Mehato ya ho akaretsa ho lefiswa lekgetho ha kuno e entsweng ka mora thekiso ya dithoto le ho lefiswa lekgetho ha batho ka bomong ho latela bodulo ba bona mabapi le lekeno leo ba le fumaneng lefatsheng ka bophara ho atolositse motheo wa lekgetho mme sena sa netefatsa hore boima ba lekgetho bo phatlalatswa ka mokgwa o lekalekanang.
Tse ding tsa dintlhakgolo tse ka sehloohong tseo SARS e di fihlelletseng dilemong tse leshome tse fetileng:

  • Lekgetho le bokelletsweng le iphetile habedi dilemong tse 10. Le eketsehile ho tloha ho R572.8 billion ka 2007/08 ho isa ho R1 144.1 billion ka 2016/17, e leng kgolo ya R571.3 billion. Sena ke Sekgahla sa Kgolo e Phetaphetilweng ya Selemo ka seng (CAGR) sa 8.0% sa nako ya dilemo tse robong pele ho 2016/17.
  • Lekgetho lohle le bokelletsweng bakeng sa dilemo tsa ditjhelete tsa ho tloha ka 2007/08 ho isa ho 2016/17 e bile R8.13 trillion.
  • Dipokello tsa lekgetho la boleng bo ekeditsweng (VAT) ka mora dikgulo di bile le kabelo ya bobedi e kgolo paloyohleng ya pokello ya lekgetho dilemong tse 10 tse fetileng. Ka tlwaelo, VAT ka mora dikgulo e bile 25.9% ya paloyohle lekgetho le bokelletsweng, mme pokello ya VAT ka mora dikgulo e bile 6.4% ya GDP bakeng sa nako ena.
  • Lekgetho la Lekeno la Kgwebo (CIT) le bile le seabo sa boraro se seholo sa pokello yohle ya lekgetho bakeng sa dilemo tse leshome tse fetileng. Le fetile VAT ya 2008/09 nakonyana feela empa la kgutlela morao ka mora qomatsi ya ditjhelete ya lefatshe lohle e ileng ya ama diphaello tsa dikhampani. Le ha CIT e ntse e le maemong a yona a ho ba le kabelo ya boraro ka boholo, kabelo ya yona e theohile ho tloha ho sehlohlolo sa 26.7% ka 2008/09 ho isa ho 18.1% ka 2016/17.
    Boholo ba data phatlalatsong ya Dipalopalo tsa Lekgetho tsa 2017 e tsepamisitse maikutlo dilemong tsa lekgetho tsa 2013 ho isa ho 2016 mmoho le dilemong tsa ditjhelete tsa 2012/13 ho isa ho 2016/17.
    Dintlha tsa bohlokwa phatlalatsong ena ya 2017 ke tsena:
  • Lekgetho le bokelletsweng e bile R1 144.1 billion, ena e bile kgolo ya selemo le selemo ya R74.1 billion (6.9%) eo boholo e tsheheditsweng ke Lekgetho la Batho ka bomong (PIT), le ileng la hola ka
    R36.6 billion (9.4%);
  • Ho sa natswe maemo a thata a ikonomi moo Tlhahiso ya kakaretso ya Naha (GDP) e nyolohileng ho tloha ho 0.5% ho isa ho 0.7%, palohare ya Lekgetho-Papisong-le-GDP e qetelletse e eme ho 26,0% ho tloha ka 2015/16, ena e batla e le ka tlasana le sehlohlolo sa 26.4% se fihlelletsweng ka 2007/08;
  • Manollo ya dihlahlobo tsa palo ya setjhaba le bodulo ba balefalekgetho ba ileng ba hlahlojwa ka nako ya mafelo a Phuptjane 2017 a bontsha dintlha tse itseng tse tlisang thahasello:
    • 1 928 707 (40.2%) ya balefalekgetho ba hlahlobilweng ba ngodisitswe Gauteng;
    • 623 715 ya balefalekgetho ba hlahlobilweng ba phela Johannesburg Metro mme ba lefisitswe lekgetho la palohare ya lekeno la R424 083;
    • 1 293 364 (26.9%) ya balefalekgetho ba hlahlobilweng ba bile dilemong tsa 35 ho isa ho 44; mme
    • 2 645 855 (55.1%) ya balefalekgetho ba hlahlobilweng ke balefalekgetho ba banna ha ba 2 154 489 (44.9%) e le basadi.
  • Dipokello tsa Net VAT e bile paloyohle ya R289.2 billion mme e hodile ka 2.9% papisong le selemo se fetileng. VAT ya Lehae, e bile bokaalo ba R321.5 billion mme ile ya hola ka 8.1%, e bile tshusumetso e kgolo ya bokaofela ba kgolo ya net VAT. Dipusetso tsa VAT e bile paloyohle ya
    R181.6 billion mme e bile kgolo ya 8.7%.
  • Lekgetho le bokelletsweng ho tswa makgethong a thomellokahare, VAT ya thomellokahare le Dikgafa tsa Bolaodi ba Thepa Meeding, di theohile ka 1.0% le 1.5% ka ho fapana le tsa selemo sa pele ho sena. Maemo a nonyetsehileng a kgolo ya dithomello kahare ho naha, a bakile hore ho be le ditjeo tse hodimo ka lebaka la theko ya tjhelete mmoho le diketsahalo tse monyebe tsa lehae, di fokoditse patlo ya kakaretso ya mejo le dithoto tsa ditjhelete. VAT ya Thomellokahare e bile le seabo sa 13.0% ya Paloyohle ya Lekgetho le bokelletsweng la selemo sena ha Dikgafa tsa Bolaodi ba Thepa Meeding e bile 4.0%. Sena se bakile bokaofela ba kabelo ya 17.0% paloyohleng ya Lekgetho kaofela le bokelletsweng, sena ke theoho ho tloha ho setlwaedi sa 18.5% sa dilemo tse hlano tsa pele ho mona.

    Ditokomane tsa Dipalopalo tsa Lekgetho tsa 2017 di fumaneha websaeteng ya SARS le ya Lefapha la Naha la Matotlo e leng www.sars.gov.za le www.treasury.gov.za.
    Ka bobedi SARS le Lefapha la Naha la Matlotlo re ananela maikutlo le ditlhahiso tsa setjhaba mabapi le ho ntlafatsa tshebediso ya phatlalatso ena ka tekolo ya leano le ho ntshetsa pele menahano e metjha e mabapi le dintlha tsa phedisano le ikonomi Afrika Borwa. Tsena di ka romelwa ka imeile ho taxstatistics@sars.gov.za.

E ntshitswe boemong ba SARS le Lefaphala la Naha la Matlotlo
Letsatsi: 12 Tshitwe 2017

Enquiries:
  • Treasury Communications Unit    
  • Email: media@treasury.gov.za      
  • Tel: (012) 315 5944
or