Ebe SARS e batla ho fihlella eng ka SVDP? |
SVDP e ikemiseditse ho kgothaletsa balefalekgetho ho iponahatsa ka tsela ya boithaopi le ho senola thepa tsa bona tse mose mme ka seo ba kgutlisetse merero ya bona ya lekgetho setlwaeding. |
Ke mang ya ka etsang kopo ya SVDP? |
- Batho ka bomong le dikhampani.
- Balefi ba tumellano (settlors), banyehedi, mafa a ba hlokahetseng kapa baunamolemo ba ditherasete tsa matjhabeng ba ka ba le seabo ebang ba kgetha hore thepa le lekeno la bona le mose le nkuwe e le le tshwerweng ke bona kapa le hlometseng bona.
- Balefalekgetho ba tlohetseng thepa dife kapa dife tsa bona tsa matjhabeng pele ho Tlhakubele 2010 le bona ba ka etsa kopo ya thuso tlasa SVDP. Dipehelo tse ikgethang tse tlang ho nkuwa di sebetsa mabapi le sena.
|
Ke mang ya sa lokelang ho etsa kopo ya SVDP? |
- Batho ba seng ba fuwe tsebiso ya ho qala ha oditi kapa phuputso ya bonokwane e mabapi le thepa tsa matjhabeng kapa lekeno la matjhabeng ha ba lokela ho etsa kopo.
- Moo SARS e fumaneng lesedi tlasa dintlha tsa motjha wa phapanyetsano efe kapa efe ya lesedi la matjhabeng pele ho tshenolo.
- Tshenolo moo taba e leng hore bokaofela kapa karolo ya tjhelete ya mantlha/di-dipositi tse latelang/phumatsho ya tjhelete ya matjhabeng bakeng sa thepa tse sa lefisweng lekgetho Afrika Borwa kapa tse seng di lefisitswe lekgetho Afrika Borwa. Motjha wa VDP ya tlwaelo o ntse o buletswe ditshenolo tsa mofuta ona.
- Ditherasete.
|
Ebe ho na le ditlhoko dife kapa dife tse mabapi le kopo ya nnete ya SVDP? |
E. Sheba ditlhoko tse tlasa karolo ya 227 ya Molao wa Tsamaiso ya Lekgetho Tshenolo e tlameha:
- Ho ba ya boithaopo
- Ho ba phoso e so kang e etsahala nakong ya dilemo tse hlano tsa tshenolo ya phoso e tshwanang e entsweng ke mokopi
- Ho ba e felletseng ka hohlehohle
- Ho akaretsa boitshwaro bo boletsweng kholomong ya 2 ya phesente ya kotlo e sa tsebahatswang kaofela tafoleng e karolong ya 223.
- Hore e se qetelle e na le pusetso e lokelang ho leshwa ke SARS
- Ho etswa foromong e laetsweng le ka tsela e behilweng
|
Ana ho na le ditlhoko tsa ditokomane bakeng sa kopo ya SVDP ya nnete? |
E. Ditokomane tse latelang tsa tshehetso di tlameha ho ba karolo ya dikopo tsa ho fumana bokaalo ba tsa lekgetho
- Boleng ba thepa bo tlameha ho tlatswa ka mokgwa wa tafole mme bo nehelwe mmoho le foromo ya kopo ya VDP01 - Boha Tataiso ya SVDP;
- Ditokomane tse pakahatsang ho ba teng ha thepa ya matjhaba (e kang dintlha tsa akhaonto ya banka, dipampiri tsa ngodiso ya thepa);
- Tiiso ya letsatsi leo ka lona thepa e ileng ya fumanwa ka lona (e kang lengolo le tswang bankeng ebang e le akhaonto ya banka, ditifikeiti tsa beng ba diabo, dipampiri tsa ngodiso ya thepa);
- Mofuta wa kamano ya mokopi le thepa (e kang monga yona, molaodi, mongaseabo, mounamolemo);
- Tlhaloso ya sebopeho se ileng sa sebediswa ho theha kapa ho fumana thepa ya matjhabeng;
- Matla a ramolao (moo ho hlokehang).
|
Ebe ke fumana diforomo tsa kopo kae? |
Bakeng sa merero ya SVDP, SARS le SARB ba dumellane ka ntlha e le nngwe ya moo dikopo di tlang ho kena teng, eo yona ke motjha wa kopo wa SARS eFiling VDP.
- Kopo ya kimollo ya Lekgetho: Foromo ya jwale ya kopo ya VDP (VDP01) e ntlafaditswe ho kenyeletsa ditshenolo tsa lekgetho la SDVP.
- Kopo ya kimollo ya Taolo ya Phapanyetsano: Ho tlameha hore ho tlatswe foromo ya Kopo e Ikgethang ya Taolo ya Phapanyetsano ka Boithaopi (SVDP01).
Ebang mokopi a etsa kopo ya ditlolo tsa lekgetho le taolo ya phapanyetsano ka bobedi ba tsona, mokopi o tlameha ho tlatsa diforomo tsa VDP01 le SVDP01 ka bobedi.
|
Ebe ke hloka hore ke be ke ingodiseditse eFiling hore ke etse kopo ya SVDP? |
E. Sena se bolela hore o tla hloka hore pele o ingodiseditse eFiling pele o ka etsa kopo ya SVDP. |
Ke kimollo ya mofuta ofe e fumanehang ebang lekgetho la SDVP e atlehile |
- Lekeno le sa tsebahatswang le qadileng thepa ya matjhaba le ka se angwe ke lekgetho la lekeno, lekgetho la dinyehelo mmoho le dikoloto tsa dikgafa tsa mafa tsa nako ya ho feta.
- Ke feela 40% ya boleng bo hodimodimo ba paloyohle ya bokaofela ba thepa tsohle tse ka ntle ho Afrika Borwa tse tswang lekenong le sa tsebahatswang le le bokelletsweng (kapa leo ho nkuwang le bokelletswe pakeng) tsa la 1 Tlhakubele 2010 le la 28 Hlakola 2015 bo tlang ho kenyeletswa lekenong le lefiswang lekgetho mme ho itshetlehilwe hodima lekgetho la Afrika Borwa nakong ya lekgetho ya 2015.
- Meputso ya botsetedi mmoho le diketsahalo tse ding tse lefiswang lekgetho tsa pele ho la 1 Tlhakubele 2015 di keke tsa angwa ke lekgetho.
- Tswala ya dikoloto tsa lekgetho e tswang tshenolong e tla qala feela ho tloha ka selemo sa hlahlobo sa 2015.
- Ha ho dikotlo tse mabapi le ho se bolele tsohle tse tlang ho ba teng
- Kimollo ya 100% hodima kotlo ya taolo ya ho se ikobele e neng/e ka bang teng ho sa kenyeletswa kotlo ya ho nehelana ka kgutliso ka morao ho nako.
- SARS e keke ya latella ho beha diqoso tsa bonokwane ka lebaka la ditlolo tsa lekgetho tse bakilweng ke tshenolo.
|
Nka fetolela tjhelete ya matjhabeng ho ba ranteng ya Afrika Borwa. Jwang le neng. |
E. Boleng ba kimollo ya lekgetho ke boleng ba mmaraka bo fumanwang ka ditjhelete tse amehang tsa matjhabeng tse fetoletsweng ho Ranta ya Afrika Borwa ho latela sekgahla sa ka nako eo sa lekgetho ka nako eo boleng bo neng bo behwa ka yona. |
Ho etsahalang ebang kopo ya ka e tjhaelwa monwana? |
Ho ba le tumellano e bang teng pakeng tsa SARS le mokopi e bontshang sephetho sa motjha ona wa kopo. |
Ebe nka etsa kopo ya SVDP empa ke sa itsebise hore ke mang |
Tjhe, empa mokopi ya lakatsang ho fumana hore o kgotsofatsa ditlhoko le hore ebe a ka fumana kimollo a ka kenya kopo ho fumana keletso/maikutlo a sa mo tlameng. Keletso/maikutlo ana a sa tlameng a itshetlehile hodima dintlha tsa tshenolo tse tlang ho ba ka hara kopo ya semmuso. Keletso/maikutlo ana a sa tlameng a ka sebediswa feela e le tataiso. |
Ebe nako ya monyetla ona wa SVDP ke efe? |
- Dikopo tsa kimollo tlasa SVDP di tla sebetsa nakwana e itseng ho qala ka la 1 Mphalane 2016 ho fihela ka la 31 Phato 2017;
- Dikopo tse nyehetsweng pele ho la 1 Mphalane 2016 kapa ka mora la 31 Phato 2017 di tla sebetswa tlasa melao e tlwaelehileng ya VDP, ke hore melao ya SVDP e keke ya sebediswa.
|
Ebe nka itseka le ho kenya boipiletso kgahlano le hlahlobo ya VDP? |
Tjhe. Hlahlobo ya SVDP e tla pele ho tumellano ya SVDP mme ka tlwaelo e kentse lekeno la tlatsetso le lefiswang lekgetho le senotsweng mmoho le tswala le dikotlo tse itseng tse sa kgoneng ho ka fanyehwa. Hlahlobo ya SDVP ha e kgone ho ka kenyetswa ngongoreho le boipiletso. |
Ebe nka kopa phokoletso ya tswala le/kapa dikotlo tse bileng teng hlahlobong ya SVDP? |
Tjhe. Tswala le dikotlo ke karolo ya tumellano ya SVDP mmoho le ya hlahlobo ya SVDP, ka bobedi ke tsa makgaolakgang mme di a tlama. |
Ke tlameha ho etsa eng ebang ke entse kopo ya SVDP? |
Ho bohlokwa ho hlokomela tse latelang:
- Ha ho hlokehe ho kopa tiisetso hape ya dikopo tsa SVDP bakeng sa dikopo ka bobedi tse amanang le lekgetho le tsa taolo ya phapanyetsano. Ebang mokgwatshebetso wa eFiling o tsebile dikopo tsena, ho bolela hore kopo e se e le rejistareng ya SVDP mme e tla sebetswa. O tla fumana kananelo tse pedi tsa ho amohelwa/fumwanwa ha dikopo ka ho arohana ha tsona.
- Ditshenolo tse amanang le lekgetho di tla romelwa basebetsing ba SARS mme tsa taolo ya phapanyetsano di tla romelwa basebetsing ba SARB.
- Ho tla ikopanngwa le mokopi ha kopo e mabapi le lekgetho la SVDP e se e fetiseditswe ho molekodi wa SVDP hore a sebetsane le yona. Ke mona moo lesedi la tlatsetso kapa le saletseng morao le ka romelwang teng.
- Kopo ya SDVP e amanang le lekgetho e ka kginwa nako efe kapa efe ka ho romela imeile ho [email protected]
- Dikgutliso tsa lekgetho tse lokisitsweng kapa tse hlophisitsweng botjha tse amanang le kopo ya SVDP di ka romelwa ho SARS ka ditsela tsa tlwaelo nako efe kapa efe pele kopo ya SDVP e sebetswa. Ebang kgutliso e hlahlobilwe ke SARS pele kopo ya SVDP e sebetswa, dikotlo tsa ho se bolele tsohle le tsa ho se ikobele tse angwang ke kimollo ya SDVP di tla fanyehwa ha kopo ya SDVP e sebetswa le tumellano ya SVDP e phethelwa.
- Ha ho dikotlo tsa ho nyehelwa ka morao ho nako kapa tsa tswala tse tlang ho ama kimollo ya SDVP; tsena di tlameha ho leshwa ka nako ya hlahlobo.
|
Ebe motho ya emetseng e mong a ka etsa kopo ya SVDP boemong ba molefalekgetho? |
E, motho ya emetseng e mong a ka etsa kopo ya SVDP boemong ba molefalekgetho. |
Ke ditlhoko dife tseo motho ya emetseng e mong a lokelang ho di kgotsofatsa boemong ba molefalekgetho? |
Ka bobedi molefalekgetho le moemedi wa molefalekgetho ba tlameha ho ingodisetsa eFiling mme moemedi wa molefalekgetho o tlameha ho hokahana le mefuta ya lekgetho le diprofaele. |
Ho etsahalang ebang ha ho hlahella molaetsa o reng ‘An anonymous application must be submitted where the applicant is not registered for the tax type that the SVDP Application is for’ (Ho tlameha hore ho kenngwe kopo eo ho sa tsejweng hore monga yona ke mang moo mokopi a sa ingodisetsang mofuta wa lekgetho leo Kopo ya SDVP e leng mabapi le yona) ha ho kenngwa kopo ya SVDP? |
Sena ke sesupo sa hore ka mohlomong molefalekgetho kapa moemedi wa motho ya jwalo ha a ingodisetsa mofuta wa lekgetho ho eFiling mme mofuta wa lekgetho ha wa hokahana le diprofaele.
Etsa bonnete ba hore molefalekgetho le moemedi ba hoketswe ho eFiling le hore mofuta wa lekgetho o ntse o sebetsa ho eFiling pele o kenya kopo ya SDVP ka tsela ya eFiling. Ebang ho na le mathata, letsetsa SARS Contact Centre ho 0800 00 7277. |
Ebe dintlha tsa ho ikopanya le tse mabapi le dikopo tsa lekgetho la SVDP ke dife. |
Mohala: 0800 864 613 Aterese ya Web: www.sars.gov.za Aterese ya Imeile: [email protected] Aterese ya Seterata: VDP Unit, South African Revenue Service, Gramick Office Park, 281 Middel Street, Brooklyn, Pretoria, 0001 Aterese ya Poso: VDP Unit: South African Revenue Service; Private Bag X 923; Pretoria; 0001
|
Ebe dintlha tsa boikopanyi tsa dikopo tsa Taolo ya Phapanyetsano tsa SVDP ke dife |
Mohala: 012 647 2243 Aterese ya Web: www.resbank.co.za Aterese ya Imeile: [email protected] Aterese ya Seterata: FinSurv SVDP Unit, South African Reserve Bank, Gramick Office Park, 281 Middel Street, Brooklyn, Pretoria, 0001 Aterese ya Poso: SVDP Division; South African Reserve Bank; P O Box 3125; Pretoria; 0001
|
Baeletsi ba di-wili, Basebetsi le bakenadipakeng ba bang ba lebelletswe ho tlaleha dintlha dife kapa dife tse mabapi le dikopo tsa SVDP |
Ka kopo sheba ditataiso tse phatlaladitsweng keFIC le IRBA. |
---|