LEKGETHO LA TJHELETE E KENENG
Ke eng?
Lekgetho la tjhelete e keneng ke mokgwatshebetso o nolofaditsweng oo maikemisetso ka ona e leng ho nolofaletsa dikgwebo tse nnyane hore di kgone ho kgotsofatsa boitlamo ba tsona ba lekgetho. Mokgwatshebetso wa Lekgetho la tjhelete e keneng le nka sebaka sa Lekgetho la Lekeno, Lekgetho la Nakwana, Lekgetho la Kuno e entsweng ka mora thekiso ya dithoto le Lekgetho la Di-dividente bakeng sa dikgwebo tse nnyane tse monyetleng wa tjhelete e keng kgwebong ya R1 million kapa e ka tlase ho mona. Kgwebo e nnyane e ngodiseditsweng lekgetho la tjhelete e keneng, le ha ho le jwalo, e ka ikgethela ho dula e le mokgwatshebetsong wa VAT (ho tloha ka la 1 Tlhakubele 2012).
Lekgetho la tjhelete e keneng le sebetswa palo ka ho sebedisa sekgahla sa lekgetho hodima tjhelete e keneng ya kgwebo e nnyane e ka lefiswang lekgetho. Dikgahla tsena di sebetsa selemong sefe kapa sefe sa hlahlobo se felang nakong ya dikgwedi tse 12 mafelong a la 28 Hlakola 2018:
0 - 335 000 |
0% |
335 001 - 500 000 |
1% ya R1 ka nngwe e ka hodimo ho 335 000 |
500 001 - 750 000 |
1 650 + 2% ya bokaalo bo ka hodimo ho 500 000 |
750 001 le ka hodimo |
6 650 + 3% ya bokaalo bo ka hodimo ho 750 000 |
---|
Tafole ya 1: Dikgahla tsa Lekgetho la Tjhelete e Keneng tsa selemo sefe kapa sefe sa hlahlobo se felang nakong ya dikgwedi tse 12 mafelong a la 28 Hlakola 2018.
E tobile mang?
Kgwebo e nnyane e nang le lekeno la R1 million selemo ka seng kapa le ka tlase ho mona. Balefalekgetho ba latelang ba ka ba monyetleng wa sena:
- Beng ba dikgwebo ka bonnotshi ba bona (sole proprietors)
- Bolekane
- Dikoporasi tse kwetsweng
- Dikhampani
- Dihlopha tsa boikopanyi
O ka ingodisa jwang?
Mokgwa wa ho ingodisetsa Lekgetho la Tjhelete e Keneng:
O lefa jwang?
Ho na le matsatsi a mararo a tefo:
Ho fumana lesedi le fetang lena
Ke direkoto dife tse lokelang ho bolokwa?
Molemo o moholo wa lekgetho la tjhelete e keneng ke ditlhoko tse fokotsehileng tsa ho boloka direkoto. Ho tlameha hore ho bolokwe direkoto tse latelang:
- Direkoto tsa bokaalo bohle bo fumanweng;
- Direkoto tsa di-dividente tse tsebahaditsweng;
- Lenane la thepa ka nngwe la theko e fetang R10,000 mafelong a selemo sa hlahlobo mmoho le tsa dikoloto tse fetang R10,000.
Ho nkela hloohong ditshenyehelo tsa tlwaelo tse bang teng kgwebong e nnyane le ho fedisa tlhokeho ya poloko e tebileng ya direkoto bakeng sa ditshenyehelo tsa lekgetho tse ka hulwang, dikgahla tsa lekgetho la tjhelete e keneng di tlasana papisong le dikgahla tsa lekgetho tse fumanehang tlasa mokgwatshebetso o tlwaelehileng wa lekgetho.
Tsena tse latelang di tla o thusa ho tse mabapi le poloko ya direkoto: