Registered Representatives Sesotho

BAEMEDI BA NGODISITSWENG 

Ho bolelwa eng ka moemedi ya ngodisitsweng?

Moemedi ya ngodisitsweng ke motho ya kgethilweng ya nang le ditokelo tsohle tsa ho emela setheo se seng sa molao (mohlala Dikhampani, Ditherasete, jwalo-jwalo), mme hangata ke Diofisiri tsa Setjhaba, Diofisiri tse Ikarabellang kapa batsamaisi, jwalo-jwalo. Ebang setheo sa molao se na le baemedi ba fetang a le mong, e mong o lokela ho thonngwa e le “motho eo e leng moemedi” wa semmuso ho SARS Hopola hore moemedi ya ngodisitsweng o tlameha hore a be a rejistarilwe le SARS.

Dintjhafatso tsa baemedi ba ngodisitsweng (mohlala Diofisiri tsa Setjhaba)

Ka ho ngodisa hang feela, baemedi ba ngodisitsweng (mohlala baemedi ba dikhampani kapa Diofisiri tsa Setjhaba) jwale ba kgona ho etsa tse ding tsa tlatsetso ho eFiling, bala mona ho fumana tse ngata.

Ke mang ya ka ngodiswang jwalo ka moemedi?

Batho bana ba latelang ba tla dumellwa ho ba “moemedi ya rejistarilweng”:  

Mofuta wa setheo sa molao Mofuta wa Setheo​ Mofuta wa Setheo​ ​Kemelo ya boemedi
Motho ka bomong ba hae ​Batho ka bomong ​Motswadi/Motataisi, Khureita, Moabalefa, Motsamaisi
​Beng ba dikgwebo ka bonnotshi ba bona (Sole Proprietors) ​Khureita, Moabalefa, Motsamaisi
Khomeshene ya Dikhampani le Boinahanelo (CIPC) Dikhampani tse Ngodisitsweng ​Khampani eo e leng ya Mmuso (SOC) ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Khampani ya praevete (Pty) Ltd ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Khampani ya Setjhaba (Ltd) ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Khampani e kenyeleditseng boikarabelo ba hao ho tsa dikoloto (Personal Liability Company) ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Khampani e sa etseng phaello (NPC) ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Khampani e laolwang ke Tiisetso (Company Limited by Guarantee) ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Khampani ya kantle ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Khampani ya kantle e sa etseng phaello ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Khampani e ngodisitsweng tlasa Molao wa Transvaal ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Koporasi e kwetsweng ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Khampani e se nang meedi (Unlimited Company) ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Boikopanyi ba Mantlha (Primary Co-Operative) ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
Boikopanyi bo Mahareng (Secondary Co-Operative) ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Boikopanyi bo Boholo (Tertiary Co-Operative) ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
​Moifo wa Molao (Statutory Body) ​Ofisiri ya Setjhaba, Likhwideitha, Motsamaisi
Ditheo tse sa ngodisetsang CIPC​ ​Bolekane / Lekgotla la Batho (Partnerships / Body of persons) ​Molekane ya ka Sehloohong, Ofisiri ya Setjhaba (ya molekane ya ka sehloohong moo molekane enwa ya ka sehloohong e seng setheo sa molao)
 
​Dihlopha ​Motshwarimatlotlo, Likhwideitha, Motsamaisi
​Mokgatlo oo e seng wa kuno ​Mohlanka ya ikarabellang, Likhwideitha, Motsamaisi
​Mokgatlo wa Thekolohelo ​Mohlanka ya ikarabellang, Likhwideitha, Motsamaisi
​Setheo sa Mmuso sa Matjhabeng ​Mohlanka ya ikarabellang, Likhwideitha, Motsamaisi
Therasete​ ​Therasete ya wili (Testamentary trust)
Ditherasete tse ding
​Setho se ka sehloohong sa therasete, Likhwideitha, Moabalefa, Motsamaisi

Ditsebi tsa Lekgetho tse ngodisitsweng di tla nne di hloke ho hlahisa tokomane e fanang ka matla a moemedi wa molao nakong e nngwe le e nngwe ha di etela lekala mme profaele ya bona ya jwale ya eFiling e ka se fetohe.

Ke tiisa jwang hore ke moemedi ya ngodisitsweng?

Etela lekala la hao le haufi la SARS ka ditokomane tse amehang (tsa tshehetso) mme o ngodise kamano ya hao le ditlelaente tsa hao mokgwatshebetsong wa SARS.   Hang ha o se o ngodisitse, o ka qala ho sebedisa eFiling ho sebetsana le dintlha tsa ditlelaente tsa hao tse rejistarilweng. O tla boela o ba le bokgoni ba ho abela batsamaisi ba bang ba tlatsetso ba eFiling tshebetso ena.

O hloka thuso?

Letsetsa SARS Contact Centre ho 0800 00 SARS (7277) kapa etela lekala la hao le haufi la SARS.  Etsa bonnete ba hore o tla ka tsohle tse amehang.  

Table of Contents

Last Updated:

Facebook
Twitter
LinkedIn
Email
Print