Calendar Sesotho

KHALENDARA YA LEKGETHO

Khalendara ena ya motheo ya Lekgetho e entswe ho tataisa molefalekgetho mabapi le matsatsi a ho qetela a dikarolo tse ka sehloohong tsa balefalekgetho.

Batho ka bomong

  • Sehla sa Lekgetho – Sehla sa Lekgetho sa batho ka bomong ka tlwaleo se qala ka Phupu ho isa ho Pudungwana (bakeng la balefalekgetho ba fumanang moputso feela), ha ba fumanang moputso le lekeno le leng hodima moo, ba na le ho fihlella mafelong a Pherekgong ho faela ka eFiling. Ebang o lebetse ‘password’ ya hao, etela leqephe la rona mme o letsetse Call Centre ya rona hore o e fumane hape.
  • Lekgetho la Nakwana (la ba fumanang moputso le lekeno le leng hodima moo) – Ho faela le tefo ya lekgetho la nakwana (IRP6’s) ke 31 Phato (nako ya 1), 28 Hlakola (nako ya 2) le 31 Loetse (nako ya 3)

Beng ba mesebetsi  – Lekgetho la Lefa ha o ntse o fumana moputso (PAYE)

Dikgwebo tsohle tse lokelang ho ingodisetsa PAYE, di tlameha ho latela lenane lena le ka tlase:

  • Kgwedi ka nngwe – EMP201 e tlameha ho nyehelwa kgwedi ka nngwe – ka la 7 la kgwedi e latelang kapa pele ho Labohlano* la pele ho letsatsi leo ebang la 7 le wela mafelong a beke kapa letsatsing la phomolo.
  • Nakwana (nako ya ho tloha ka la 1 Tlhakubele ho isa ho la 31 Phato) – sehla sa Nakwana sa Lekgetho la Beng ba mesebetsi sa tsepamiso ya dibuka ya EMP501  se qala ka la 1 Loetse ho fihlela ka la 31 Mphalane
  • Selemo (nako ya ho tloha ka la 1 Tlhakubele ho isa ho la 28 Hlakola) – sehla sa selemo sa Lekgetho la Beng ba mesebetsi se qala ka la 1 Mmesa ho fihlela ka la 31 Motsheanong

Dikhampani

  • Sehla sa Lekgetho – Dikhampani, ho kenyeleditswe le di-CC’s,‐mekgatlo ya boikopanyi le Dikoporasi tsa Taolo ya Meaho ya Bodulo, di lokela ho nehelana ka Kgutliso ya Lekeno: Dikhampani le Dikoporasi tse Kwetsweng (IT14) dikgweding tse 12 ho tloha ka nako eo dilemo tsa bona tsa ditjhelete di felang ka yona.
  • Lekgetho la Nakwana (la ba fumanang moputso le lekeno le leng hodima moo) – Ho faela le tefo ya lekgetho la nakwana ka dikhampani tsa lekgetho la nakwana (IRP6’s) ke dikgwedi tse 6 ka mora ho fela ha selemo (nako ya 1), mafelong a selemo sa ditjhelete (nako ya 2) le dikgwedi tse Tshelela ka mora mafelo a selemo sa ditjhelete (nako ya 3)

Barekisi

Lekgetho la Boleng bo ekeditsweng (VAT)

  • Ka letsoho – nyehelo ya VAT201 le tefo di tlameha ho etswa ka la 25 la kgwedi. Ho hlokomelwe hore morekisi ka mong a ka ba saekeleng ya VAT e fapaneng le ya e mong
  • Mokgwa wa elektronike (eFiling) – nyehelo ya tefo ya VAT201 e tlameha ho etswa ka letsatsi la ho qetela la kgwebo kgweding

Dikgwebo tse nnyane

Dikgwebo tse nnyane tse welang ho e meng ya mekgahlelo e ka hodimo (CC, mekgatlo ya boikopanyi) di tlameha ho latela lenane le hlalositsweng ka hodimo.

  • Lekgetho la phaello (turnover)

Dikgwebo tse nnyane tse ingodiseditseng Lekgetho la Phaello di tlameha ho latela lenane le hlalositsweng ka tlase mona: Lekgetho la phaello le tsa kenngwa selemo ka seng selemong sa hlhlobo se qalang maqalong a Tlhakubele a selemo se seng ho fihlela mafelong a Tlhakubele a selemo se latelang. Sena se tla kenyeletsa le ditefo tse pedi tsa dinako tsa dikgwedi tse tshelela. Ka kopo hlokomela *Ka kopo hlokomela hore ebang letsatsi le hlwailweng le wela mafelong a beke kapa ka letsatsi la phomolo, letsatsi le tlang ho sebetsa hore o phethe boitlamo ba hao ke la ho qetela la kgwebo pele ho letsatsi leo.

Table of Contents

Last Updated:

Facebook
Twitter
LinkedIn
Email
Print